Lipilisi – Contraceptives
Lipilisi (The Contraceptive Pills)
Mefuta ea tsona
- TSE NANG LE LERO LE LE LENG (PROGESTIN)
- TSE NANG LE MARO A MABELI (PROGESTIN LE OESTROGIN).
- SETS’IRELETSI SA TS’OHAHENYETSO (EMERGENCY CONTRACEPTION)
- TSE NANG LE LERO LE LENG (PROGESTIN)
MOKHOA OA HO LI HLALOHANYA
- Li ‘mala o mong kaofela;
- Li mashome a mararo a metso e mehlano (35)
MOKHOA OA HO LISEBELISA
- Koenya pilisi e le ‘ngoe tsatsi le leng le le leng ka nako e ts’oanang;
- Hau ka lebala pilisi, e koenye hang ha u hoopla.
[expander_maker id=”1″ more=”Read more” less=”Read less”]
MOKHOA OO LIPILISI LI THIBELANG KEMOHOLO KA OONA
- Lero le ho tsona le etsa hore mamina a molomong oa popelo a be thata joaloka a sefate, ka hona a sitise lipeo ho feta;
- Lero le ho tsona le etsa hore bokahare ba popelo bo se ke ba haheha;
- Lero le ho tsona le sitisa lehe ho butsoa.
LIPHETOHO TSE TLISOANG KE LIPILISI TSENA
- Phetoho e ka hlaha neng kappa neng, e nyamele ka likhoeli tse ling.
BATHO BA KA LI SEBELISANG
- Batsoetse ba nyants’ang bana ka nako tsohle ngoana a sa le ka tlase ho likhoeli tse ts’eletseng;
- Batho ba lakatsang ho sebelisa lipilisi fella ba e na le mafu a kang High Blood.
- LIPILISI TSE MARO A MABELI (PROGESTIN)
MOKHOA OA HO LI HLALOHANYA
- Tsena li mashome a mabeli a metso e robeli. Li hlophuoe ka mela e mene, mola ka mong o na le lipilisi tse supileng. Mola oa ho qetela o na le ‘mala o sa ts’oaneng le e meraro e qalang.
Mokhoa oa ho sebelisa lipilisi
- Konya pilisi e le ‘ngoe hang ka letsatsi ka nako e ts’oanang;
- Ha u ka lebala ho koenya pilisi; e koenye hang ha u e hoopla ‘me ea letsatsi leo u ‘ne u e koenye ka nako ea eona;
- Ha u ka bona bofubelu pele ho nako tsa hau, tsoela pele ho koenya lipilisi, feela u bone mooki kappa ngaka;
- Haeba ho na le lipilisi tse ling tseo u li sebelisang bakeng la ho kula, tsebisa mooki hobane tse ling tsa lipilisi li theola matla a tsena tsa thero ea malapa.
Mokhoa oo lipilisi li thibelang kemolo
- Li thibela lehe ho butsoa;
- Li etsa hore mamina a molomong oa popelo a be thata joaloka a sefate, ebe lipeo li sitoa ho feta.
Batho basa lokelang ho sebelisa lipilisi
- Bakhachane
- Ba lefu la pelo
- Ba nang le high blood
- Batho ba lefu la sebete
- Ba nang le mofets’e oa popelo kapa oa matsoele.
Liphetoho tse ka bakoang ke lipilisi
- Ho nyekeloa ke pelo kappa lehlatso;
- Ho bona phetoho e e-s’o be nako;
- Lichubaba;
- Makhopho sefahlehong;
- Molikoalikoane;
- Ho opeloa ke hlooho.
Mathata ao ha a le teng mosali a lokelang ho tlohela lipilisi hang-hang
- Mahlaba a sekhahla ka sefubeng;
- Hlooho e opang e sa ee meriting;
- Bohloko bo matla ka mpeng;
- Ho opa ho matla ka mor’a litlhafu / potongoaneng;
- Ho fifala mahlo ho tlang ka sekhahla.
- SETS’IRELETSI SA TS’OHANYETSO (EMERGENCY CONTRACEPTION)
Sets’ireletsi sa ts’ohanyetso ke eng?
- Ke sets’ireletsi se fuoang mosali kamor’a ho etsa thobalano e sa sireletsehang e le ho mo thusa ho qoba bokhachane bo sa reroang.
Sets’ireletsi see sa ts’ohanyetso se ka fanoa neng?
- Mosali a ka fuoa sets’ireletsi sena pele lihora tse mashome a supileng a metso e ‘meli (72 hours) (matsatsi a mararo) li feta kamorao ho thobalano e sa sireletsehang.
- Haeba mosali ea noang lipilisi (contracepives) a ile a li lebala;
- Mosali kappa moroetsana ea betiloeng ebile a sa its’ireletsa ka letho.
Se sebelisa eng?
- Ho ka sebelisoa lipilisi tse maro a mabeli kappa tse lero le le leng. Mosali o noa lipilisi tse ‘ne (4) tse maro a mabeli kappa mashome a mabeli (20) tse lero le leng e be o pheta alo e lekanang hape lihoreng tse leshome le metso e ‘meli (12 hours) tse latelang. Lipilisi tsena li tlamehile hore li be li qalile ho sebelisoa lihoreng tsane tse mashome a supileng a metso e ‘meli (72 hours).
- Hape ho na le lipilisi tse tlang li se li lokiselitsoe ts’ebeletso ena, tsona li bitso Postinor. Mosali o noa e le ‘ngoe, ebe o pheta e ‘ngoe hape lihoreng tse leshome le metso e ‘meli (12 hours) tse latelang.
Motho a ka sebelisa sets’ireletsi see makhetlo a makae?
- Hantle joaloka ha ho hlalosoa, sets’ireletsi sena ke sa ts’ohanyetso. Ha ho khothaletsoe hore motho a se sebelise e le mokhoa oa boits’ireletso ba letsatsi le letsatsi;
- Mosali o lokela ho fumants’oa boeletsi bo nepahetseng hore a tsebe ho etsa khetho e ntle ea sets’ireletsi sa nako e telele. Ha se sebelisoa khafetsa matla a a ea theoha.
Sets’ireletse sena sa ts’ohanyetso se ka baka
- Honyekeloa ke pelo;
- Ho hlatsa;
- Ho opeloa ke hlooho;
- Ho tsekela.
Tlhokomeliso:
Ha ho ka etsahala hore motho a hlatse pele lihora tse tharo li feta a noele lipilisi, o khothaletsoa ho pheta palo e lekanang le eo a neng a se a e noele ea lipilisi tse thibelang lehlatso (Stemeltil).
[/expander_maker]