Lipilisi – Contraceptives

Lipilisi (The Contraceptive Pills)

Mefuta ea tsona

  1. TSE NANG LE LERO LE LE LENG (PROGESTIN)
  2. TSE NANG LE MARO A MABELI (PROGESTIN LE OESTROGIN).
  3. SETS’IRELETSI SA TS’OHAHENYETSO (EMERGENCY CONTRACEPTION)

 

  1. TSE NANG LE LERO LE LENG (PROGESTIN)

 

MOKHOA OA HO LI HLALOHANYA

  • Li ‘mala o mong kaofela;
  • Li mashome a mararo a metso e mehlano (35)

MOKHOA OA HO LISEBELISA

  • Koenya pilisi e le ‘ngoe tsatsi le leng le le leng ka nako e ts’oanang;
  • Hau ka lebala pilisi, e koenye hang ha u hoopla.

[expander_maker id=”1″ more=”Read more” less=”Read less”]

MOKHOA OO LIPILISI LI THIBELANG KEMOHOLO KA OONA

  • Lero le ho tsona le etsa hore mamina a molomong oa popelo a be thata joaloka a sefate, ka hona a sitise lipeo ho feta;
  • Lero le ho tsona le etsa hore bokahare ba popelo bo se ke ba haheha;
  • Lero le ho tsona le sitisa lehe ho butsoa.

 

LIPHETOHO TSE TLISOANG KE LIPILISI TSENA

  • Phetoho e ka hlaha neng kappa neng, e nyamele ka likhoeli tse ling.

BATHO BA KA LI SEBELISANG

  • Batsoetse ba nyants’ang bana ka nako tsohle ngoana a sa le ka tlase ho likhoeli tse ts’eletseng;
  • Batho ba lakatsang ho sebelisa lipilisi fella ba e na le mafu a kang High Blood.

 

  1. LIPILISI TSE MARO A MABELI (PROGESTIN)

MOKHOA OA HO LI HLALOHANYA

  • Tsena li mashome a mabeli a metso e robeli. Li hlophuoe ka mela e mene, mola ka mong o na le lipilisi tse supileng. Mola oa ho qetela o na le ‘mala o sa ts’oaneng le e meraro e qalang.

 

Mokhoa oa ho sebelisa lipilisi

  • Konya pilisi e le ‘ngoe hang ka letsatsi ka nako e ts’oanang;
  • Ha u ka lebala ho koenya pilisi; e koenye hang ha u e hoopla ‘me ea letsatsi leo u ‘ne u e koenye ka nako ea eona;
  • Ha u ka bona bofubelu pele ho nako tsa hau, tsoela pele ho koenya lipilisi, feela u bone mooki kappa ngaka;
  • Haeba ho na le lipilisi tse ling tseo u li sebelisang bakeng la ho kula, tsebisa mooki hobane tse ling tsa lipilisi li theola matla a tsena tsa thero ea malapa.

Mokhoa oo lipilisi li thibelang kemolo

  • Li thibela lehe ho butsoa;
  • Li etsa hore mamina a molomong oa popelo a be thata joaloka a sefate, ebe lipeo li sitoa ho feta.

Batho basa lokelang ho sebelisa lipilisi

  • Bakhachane
  • Ba lefu la pelo
  • Ba nang le high blood
  • Batho ba lefu la sebete
  • Ba nang le mofets’e oa popelo kapa oa matsoele.

Liphetoho tse ka bakoang ke lipilisi

  • Ho nyekeloa ke pelo kappa lehlatso;
  • Ho bona phetoho e e-s’o be nako;
  • Lichubaba;
  • Makhopho sefahlehong;
  • Molikoalikoane;
  • Ho opeloa ke hlooho.

Mathata ao ha a le teng mosali a lokelang ho tlohela lipilisi hang-hang

  • Mahlaba a sekhahla ka sefubeng;
  • Hlooho e opang e sa ee meriting;
  • Bohloko bo matla ka mpeng;
  • Ho opa ho matla ka mor’a litlhafu / potongoaneng;
  • Ho fifala mahlo ho tlang ka sekhahla.

 

  1. SETS’IRELETSI SA TS’OHANYETSO (EMERGENCY CONTRACEPTION)

Sets’ireletsi sa ts’ohanyetso ke eng?

  • Ke sets’ireletsi se fuoang mosali kamor’a ho etsa thobalano e sa sireletsehang e le ho mo thusa ho qoba bokhachane bo sa reroang.

Sets’ireletsi see sa ts’ohanyetso se ka fanoa neng?

  • Mosali a ka fuoa sets’ireletsi sena pele lihora tse mashome a supileng a metso e ‘meli (72 hours) (matsatsi a mararo) li feta kamorao ho thobalano e sa sireletsehang.
  • Haeba mosali ea noang lipilisi (contracepives) a ile a li lebala;
  • Mosali kappa moroetsana ea betiloeng ebile a sa its’ireletsa ka letho.

 

Se sebelisa eng?

  • Ho ka sebelisoa lipilisi tse maro a mabeli kappa tse lero le le leng. Mosali o noa lipilisi tse ‘ne (4) tse maro a mabeli kappa mashome a mabeli (20) tse lero le leng e be o pheta alo e lekanang hape lihoreng tse leshome le metso e ‘meli (12 hours) tse latelang. Lipilisi tsena li tlamehile hore li be li qalile ho sebelisoa lihoreng tsane tse mashome a supileng a metso e ‘meli (72 hours).
  • Hape ho na le lipilisi tse tlang li se li lokiselitsoe ts’ebeletso ena, tsona li bitso Postinor. Mosali o noa e le ‘ngoe, ebe o pheta e ‘ngoe hape lihoreng tse leshome le metso e ‘meli (12 hours) tse latelang.

Motho a ka sebelisa sets’ireletsi see makhetlo a makae?

  • Hantle joaloka ha ho hlalosoa, sets’ireletsi sena ke sa ts’ohanyetso. Ha ho khothaletsoe hore motho a se sebelise e le mokhoa oa boits’ireletso ba letsatsi le letsatsi;
  • Mosali o lokela ho fumants’oa boeletsi bo nepahetseng hore a tsebe ho etsa khetho e ntle ea sets’ireletsi sa nako e telele. Ha se sebelisoa khafetsa matla a a ea theoha.

Sets’ireletse sena sa ts’ohanyetso se ka baka

  • Honyekeloa ke pelo;
  • Ho hlatsa;
  • Ho opeloa ke hlooho;
  • Ho tsekela.

Tlhokomeliso:

Ha ho ka etsahala hore motho a hlatse pele lihora tse tharo li feta a noele lipilisi, o khothaletsoa ho pheta palo e lekanang le eo a neng a se a e noele ea lipilisi tse thibelang lehlatso (Stemeltil).

[/expander_maker]

Share This:

Subscribe To Our Newsletter
Enter your email to receive a weekly round-up of our best posts.